Na bopolesa ba dikarolwana bo bolelang?
Mokgwa wa ho ?KGUTLELA MAEMONG A MOTHEO? moo sebaka se arolwang ho ba dibaka tse nyenyane tse tla laolwang ha bonolo di tsejwa ka DIKAROLWANA. Ho behwa motsamaisi wa Karolwana bakeng sa ho tsamaisa karolwana e itseng, mme yena o sebedisana le baahi le bathahaselli ho qeta bonokwane bo tlwaelehileng karolwaneng eo. Bohle ba bang le seabo moo ba ba le mosebetsi wa ho hlwaya ditlhoko tsa polokeho le tshireletso bakeng sa karolwana ya bona, le ho rarolla ekasitana le ho qeta dintho tse bakang bonokwane ka ho etsa bonnete ba hore ho ba le thibelo e sebetsang hantle haholo ya bonokwane karolwaneng eo.
Motsamaisi wa Karolwana o tshwanela:
ho qala le ho ntshetsa pele mohopolo wa bopolesa ba dikarolwana karolwaneng ya hae ho dula a ntse a tsebisa Foramo ya Karolwana e shebaneng le Bonokwane le dikarolwana tse ding ka bonokwane/ditshoso tse ntseng di etsahala ho qala mesebetsi e tla shebana le mathata a polokeho le tshireletso ka hara karolwana ya hae
KAROLWANA
MOTSAMAISI WA KAROLWANA + WENA = FORAMO YA KAROLWANA E SHEBANENG LE BONOKWANE
Kaofela ha lona le na le boikarabelo ba ho hlwaya ditlhoko tsa polokeho le tshireletso le ho rarolla disosa tsa bonokwane ka ho etsa bonnete ba hore ho ba le thibelo e sebetsang hantle haholo ya bonokwane karolwaneng ya lona.
MAPOLESA SETJHABA
Seabo sa hao se tla:
fokotsa tshabo ya bonokwane karolwaneng ya lona;
fumana ditharollo tsa bonokwane foramong ya bonokwane ya sebakeng sa lona;
neha mapolesa tsebiso ya bohlokwa mabapi le bonokwane ka hara karolwana ya lona;
tlisa mokgwa o kenyeletsang wena mmoho le lelapa bakeng sa ho rera ditharollo tsa bonokwane karolwaneng ya sebaka sa lona; le ho tlisa boikarabelo bo kopanetsweng mahareng a hao le motsamaisi wa karolwana ya lona wa Ditshebeletso tsa Sepolesa sa Afrika Borwa.
HA O BATLA HO TSEBA HAHOLWANYANE O KOTJWA HORE O ITEANYE LE:
MOTSAMAISI WA KAROLWANA YA SEBAKA SA HENO:
THELEFOUNU: SELFOUNU:
BOPOLESA BA DIKAROLWANA = TSHEBELETSO E KGABANE
Na bopolesa ba dikarolwana bo bolelang?
Mokgwa wa ho ?KGUTLELA MAEMONG A MOTHEO? moo sebaka se arolwang ho ba dibaka tse nyenyane tse tla laolwang ha bonolo di tsejwa ka DIKAROLWANA. Ho behwa motsamaisi wa Karolwana bakeng sa ho tsamaisa karolwana e itseng, mme yena o sebedisana le baahi le bathahaselli ho qeta bonokwane bo tlwaelehileng karolwaneng eo. Bohle ba bang le seabo moo ba ba le mosebetsi wa ho hlwaya ditlhoko tsa polokeho le tshireletso bakeng sa karolwana ya bona, le ho rarolla ekasitana le ho qeta dintho tse bakang bonokwane ka ho etsa bonnete ba hore ho ba le thibelo e sebetsang hantle haholo ya bonokwane karolwaneng eo.
Motsamaisi wa Karolwana o tshwanela:
ho qala le ho ntshetsa pele mohopolo wa bopolesa ba dikarolwana karolwaneng ya hae ho dula a ntse a tsebisa Foramo ya Karolwana e shebaneng le Bonokwane le dikarolwana tse ding ka bonokwane/ditshoso tse ntseng di etsahala ho qala mesebetsi e tla shebana le mathata a polokeho le tshireletso ka hara karolwana ya hae
Seabo sa hao se tla ba le sephetho sa ho:
fokotsa tshabo ya bonokwane karolwaneng ya lona;
fumana ditharollo tsa bonokwane ba sebakeng sa lona ka dikopano tsa foramo ya bonokwane ya karolwana ya lona;